BOITLAMO BA VODACOM LESOTHO HO BASEBEBELISI/ BAJI BA LITŠEBELETSO TSA VODACOM LESOTHO


Bala ka Sekhooa

  1. BOITLAMO BA VODACOM LESOTHO
    Vodacom Lesotho ("Vodacom") e ikemiselitse ho sireletsa litokelo tsa basebelisi ba litšebeletso tsa rona “baji”, le ho ba fa litšebeletso tse lumeletsoeng ka molao, re ipapisite le Molao oa Tšireletso ea baji oa Lekhotla la Taolo ea Likhokahanyo Lesotho ("LCA") oa 2016 (Administrative Rules) le Tataiso ea Tšireletso ea baji (2022) ("Guidelines") e fanoeng ke Lekhotla la Taolo ea Likhokahanyo Lesotho ("LCA"). Ka tokomane ena, re ikememiselitse ho bontša boitlamo ba rona ba ho sireletsa litokelo tsa baji ba rona le ho rarolla litletlebo tsa bona moo ba sa khotsofallang litšebeletso tsa rona.

    Boitlamo bona ha se feela taba ea ho latela melao ea tsamaiso, empa ke boikemisetso ba rona, ho sebetsa 'moho le baji ba rona ho netefatsa hore re fana ka lihlaisoa tse bohlale, le litšebeletso tse arabelang litlhoko tsa bona, le ho fa baji maiphihlelo a matle ha ba sebelisa lihlahisoa le ho sebelisa litšebeletso tsa rona, ho kenyeletsa le mokhoa oa ho sebetsana le litletlebo tsa bona moo ba sa khotsofallang litšebeletso tsa rona.

  2. LITŠEBELETSO TSA VODACOM LESOTHO
    Vodacom e na le lengolo la tumello ea ho fana ka litšebeletso tsa likhokahanyo le ho sebelisa marang-rang a likhokahanyo (“GSM mobile voice and data network”) tlasa lengolo la tumello la Unified Telecommunications ("Unified license"). Tlasa tumello ena, Vodacom e fana ka mefuta e mengata e fapakaneng ea litšebeletso tsa likhokahanyo tsa marang-rang ho baji ba eona ba lefellang litšebeletso pele le ka mora’o hore ba li fumane, e boela e sebelisa mahlale a fapakaneng joalo ka WI-MAX, 3G, LTE, 5G, le mehala e hiriloeng ho fana ka marang-rang a ikhethang ho baji ba rona ba likhoebo.

  3. BOITLAMO BA VODACOM HO BAJI BA LIT’SEBELETSO TSA RONA.
    LITŠEBELETSO TSA VODACOM LESOTHO
    1. Ho sireletsa litokelo tsa baji ha ba sebelisa litšebeletso tsa rona.
    2. Ho fana ka lihlahisoa le litšebeletso tse hlokoang ke baji (tse hlakileng le ho utloisiseha)
    3. Ho sebetsa ‘moho le baji ba rona ho fumana maikutlo a bona e le ho finyella litlhoko tsa bona.
    4. Ho fana ka lintlha tse lekaneng ho baji ba rona e le ho ba nolofalletsa ho etsa liqeto tse nepahetseng, tse utloahalang. Sena se kenyelletsa ho fana ka Melaoana le Lipehelo tsa lihlahisoa le litšebeletso tsa rona ho kenyelletsa litefiso tse fumanehang marang-rang a rona.
    5. Ho sireletsa baji ba rona mekhoeng e sa nepahalang ea khoebo, papatso tse thetsang kapa tse khelosang, le mekhoa e khahlanong le tlholisano e nepahetseng.
    6. Ho fa baji ba rona litumellano tsa litšebeletso tse hlakileng, tse utloisisehang habonolo ho ba lefang kamorao ho fumana litšebeletso (“Postpaid”).
    7. Ho fana ka litšebeletso tsa boleng ho baji ba rona ho latela Melaoana ea Boleng ba Litšebeletso (2023)
    8. Ho ba le mekhoa le mehato ea ho rarolla lipotso le litletlebo tsa baji ba rona le ho fana ka litsela tseo ba ka buisanang le rona ka tsona haeba ba sa khotsofalla litšebeletso tsa rona.

  4. MOKHOA OO VODACOM E SIRELETSANG LITOKELO TSA BAJI
    Mona re rata ho hlakisa kamoo re sireletsang litokelo tsa baji ba rona, re bile re totobatsa litokelo tse khethehileng tse boletsoeng ka Tataiso ea LCA.
    1. Tokelo ea ho fumana litšebeletso tsa rona.
      Baji ba rona ba ka fumana litšebeletso tse lumelletsoeng joaloka metsotso, SMS, le Data ea ho kena ho marang-rang a rona ba sebelisa boitataiso ba ho fumana litšebeletso "USSD", my Vodacom App, kapa ba kene mabenkeleng a rona, ho kenyelletsa le litsing tsa rona tsa kabo ea litšebeletso. Leha ho le joalo, ho fumana litšebeletso tsa rona, baji ba lokela ho qala ka ho ngolisa li-SIM card tsa bona ho latela Melaoana ea Ngoliso ea li-SIM Card (2021) e sebetsang ho bafani ba litšebeletso tsa mehala le baji.

      Ho hloleha ho ngolisa (li) SIM card ho tla emisa phano ea litšebeletso le ho koala h’a (li) SIM card tseo, ‘me seo se tla sitisa tokelo ea moji ea ho fumana litšebeletso tse joalo. Ka hona, baji ba khothaletsoa ho etsa se nepahetseng ka ho ngolisa li-SIM Card tsa bona pele ho la 31 Pherekhong 2024, kapa ka letsatsi le ka behoang ke Lekhotla La Taolo ea Likhokahanyo ka moso.

      1. Nako ea Bophelo ba Likarete (SIM)
        Likarete tsa Vodacom (SIM) (tse ncha le tse se ntse li sebelisoa ke baji li na le nako ea bophelo ba likhoeli tse supileng (7) ho latela Leano la li Nomoro la Vodacom. Nako ea bophelo ba li-SIM e bolela nako eo karete ea hao e lulang e kene ho marang-rang a rona pele e koaloa. Ho netefatsa hore karete ea SIM e lula e kene ho marang-rang, baji ba tlameha ho e sebelisa ho reka litsebetso tse lefelloang. Tšebeletso tse lefisoang/lefelloang e bolela tšebeletso efe kapa efe moo moji a sebelisang moea ho reka litšebeletso tsa rona tse lefisoang joaloka ho letsa, ho romella molaetsa (SMS), kapa ho sebelisa data.
        Lemoha ka kopo:
        Ho kenya moea o letsang ak'haonte ea hau ha ho lelefatse nako ea bophelo ba karete ea SIM.

        Haeba moji a sa etse tšebeletso e lefisoang nakong ea likhoeli tse 7 ka mor'a hore karete ea SIM e sebetse kapa ngoliso ea karete ea SIM ea moji, e tla emisoa ka mora likhoeli tse 5, 'me ka mor'a moo e tla koaloa kapa e hlakoloe qetellong ea likhoeli tse 12. Ha karete ea SIM e koetsoe, e tla sebelisoa hape. Moji o tla lahleheloa ke moea, le lisebelisoa (data kapa bundles) nomorong eo. Moji o tla boela a lahleheloa ke tokelo ea ho sebelisa nomoro eo mme e tla fuoa moji ofe kapa ofe ho ea ka khetho ea Vodacom.

        Lemoha ka kopo:
        1. Baji ha ba na linomoro tseo e leng tsa bona, empa ba na le tokelo ea ho li sebelisa. Linomoro ke tsa Lekhotla la Taolo ea Likhokahanyo.
        2. Haeba karete ea SIM e ka hlakoloa ena e na le chelete ka har’a Mpesa, chelete e joalo e tla bolokoa polokelong e ka theko 'me e tla lokolleloa moji pele e phatlalatsoa, ho latela Melaoana ea Tsamaiso ea Litefo ea 2017 (Payment System) Issuers of Electronic Payment Instruments) Regulations, 2017 ka tlasa bolaoli ba Banka e Kholo ea Lesotho.

      2. Mokhoa oa ho fumana karete ea SIM e ncha bakeng sa e lahlehileng (SIM swap)
        Vodacom e fana ka likarete tse ncha tsa SIM ho baji ha tsa khale li lahlehile. Tšebeletso ena e fumantšoa baji ba hlokang ho fetola likarete tsa bona tsa SIM ha feela nomoro e so hlakoloe. Tšebeletso ena e fumaneha mabenkeleng a Vodacom naha ka bophara ka tefiso e fokolang eo re tla buisana le moji ka eona ha moji a kopa tšebeletso.

        Ho kopa tšebeletso ea karete e ncha ea SIM, baji ba tlameha ho tla le litokomane tsa bona tsa boitsebiso bakeng sa ho netefatsa hore ke beng ba karete e nchafatsoang. Ho ekelletsa moo, hlokomela hore ha moji a kopa tšebeletso ea ho fuoa karete e ncha ea SIM, o tla botsoa lipotso tse reretsoeng ho netefatsa hore karete eo ke ea hae, ele ho fokotsa bomenemene. Ka mor'a likarabo tse khotsofatsang lipotsong tse botsoang ke Vodacom, moji o tla hokeloa hang hang ho marang-rang a Vodacom.

    2. Tokelo ea ho fumana tšebeletso ea boleng.

      Vodacom e fana ka litšebeletso e ipapisitse le Melaoana ea Boleng ba Tšebeletso ea LCA (QoS) ea 2023, 'me e ikitlaetsa ho fihlela maemo a boleng ba tšebeletso a behiloeng ke Lekhotla la Taolo ea Likhokahanyo la Lesotho, nako le nako, litsebeletsong tse ngolisitsoeng ka molao.

      Vodacom e fana ka tihisetso hore litumellano tsa phano ea litšebeletso tseo re kenang ho tsona le baji ke tse hlahang tlasa Melaoana ea Phano ea Litšebeletso tsa Boleng. Re tihisa hape hore sekhahla sa marang-rang a rona se joalo kaha re boletse lipapatsong tsa rona. Re boetse re netefatsa hore bareki ba rona ba fumana leseli le felletseng ka boleng ba litšebeletso tsa rona hore ba etse liqeto ba ena le leseli le lekaneng.

      Ho feta moo, Vodacom e fana ka litlaleho tsa khoeli le khoeli tsa tšebetso ho Lekhotla la Taolo ea Likhokahanyo tse hlalosang tšebetso ea rona ntlheng e 'ngoe le e 'ngoe ea bohlokoa tlas'a Melaoana ea QoS e sebetsanang le mekhahlelo ea marang-rang le litšebeletso tsa baji. Moji a ka fumana Melaoana ea LCA mona (lca.org.ls). Moji a ka fumana tšebetso ea rona ea QoS marang-rang a rona (vodacom.co.ls) .

      1. Seo u lokelang ho se etsa ha tšebeletso ea Vodacom e sa fumanehe
        1. U koptjoa ho letsetsa Vodacom Contact Center (114/155). Contact Centre ena e tšoere leseli/likarabo ka mathata oohle a litšebeletso le marang-rang a rona. Basebetsi ba Contact Centre ba tla arabela ka pele ka potlako lipotsong tsohle tseo baji ba nang le tsona.
        2. Marang-rang a Vodacom a sebelisa thepa ea sejoale joale, a fang moji monyetla oa ho letsa/letsetsoa kapa ho kena ho marang-rang ho se tšitiso ea letho, ha feela moji a le sebakeng seo litsebeletso tsona tsena li teng. Empa haeba moji a kopana le mathata, u lokela ho etsa tse latelang: (i) a koale mohala (ii) a shebe na fono e ntse kene moeeng (iii) a phete a letsetse nomoro eo hape. Haeba moji a ntse a kopana le mathata, u lokela ho letsetsa Contact Center nomorong ea 114/155.
        3. Haeba moji a sebelisa thepa engoe e hoketsoeng lehokeleng la marang-rang, o lokela ho ikopanya le Lebenkele la Vodacom le haufi ho fumana thuso moo bothata boleng teng/kapa ho teka tletlebo a sebelisa foromo ea litletlebo. Vodacom e tla leka ka hohle ho buisana le moji e sebelisa mekhoa ea puisano eo moji a e faneng, ele ho fana ka boeletsi kapa ho rarolla bothata bo teng. Leha ho le joalo, Vodacom e tla sebeletsa hore e fane ka Karabo ka pele ka moo ho ka khonehang.
        4. Vodacom e kena tumellanong ea phano ea litšebeletso le basebelisi ba marang-rang a internet. Litumellano tsena li hlalosa hantle hore na baji ba buisane le mang ho rarolla mathata a khokelo ho marang-rang a Vodacom Lesotho. Ka hona, baji bana ba lebelletsoe ho buisana le batho ba hloahiloeng li-ofising tsa Vodacom ho teka likopo tsa ho thusoa ho rarolla mathata.

    3. Tokelo ea bolokolohi ba khetho
      Vodacom e tiisetsa baji hore ba na le bolokolohi ba khetho lihlahisoeng le litšebeletsong tsa rona. Ha re qobelle baji ho sebelisa litšebeletso tsa rona, ‘me re loanela ho ba fa leseli le lekaneng ka litšebeletso tsa rona e le hore ba li sebelise ba ena le kutloisiso e hlakileng. Re boetse re khothaletsa baji ba rona ho botsa lipotso pele ba sebelisa litšebeletso tsa rona.

    4. Tokelo ea ho fumana konteraka e hlakileng ea tšebeletso
      1. Baji ba rona ba fuoa tumellano (konteraka) ea tšebetso ha litšebeletso li qala. Re ba khothaletsa ho kopa kopi ea tumellano eo hang ha e tekennoe le ho kopa ho hlakisetsoa moo ba nang le lipotso.
      2. Litumellano tsa rona li ngotsoe ka puo e hlakileng le e utloisisehang ha bonolo, 'me li fumaneha ka Sesotho le Senyesemane, e leng lipuo tse peli tsa molao Lesotho.
      3. Litumellano tsa rona li boetse li na le litemana tse lumelang ho khaoloa h’a tumellano pele ho nako ea teng e fela molemong oa Moji.
      4. Hape re fana ka leseli le akaretsang ka Melaoana le Lipehelo tsa tumellano ho marang-rang a rona a (vodacom.co.ls).

    5. Tokelo ea ho lefisoa litšebeletso tsa likhokahanyo ka tsela e nepahetseng, ka nako, le ka ho hlaka,
      Litefiso tsa Vodacom (tse akaretsang le tsa tšebeliso) li laoloa ke LCA. Litefiso tse amohetsoeng ke LCA li phatlalalitsoe leqepheng la rona la marang-rang (vodacom.co.ls) . Ha ho na le liphetoho litefisong, Vodacom e tsebisa baji ka SMS le ka mekhoa emeng. Sena se etsoa ho lumella baji ho tseba ka liphetoho pele li kena tsebetsong, ele hore ba be le boikhethelo ba hore na ba tsoelapele ka tsebeletso e joalo, ba fallela nqa e ‘ngoe kapa ho khaola maqhama le rona.

      1. Tefiso
        Vodacom e lefisa baji litsebeletso tseo ba li rekang kapa tseo ba nang le seabo ho tsona ho ipapisitsoe le litefiso tse amohetsoeng. Ho feta moo, Vodacom e fana ka leseli le hlakileng hore moji o kolota bokae litšebeletsong tse lefelloang ka morao le hore na tse lefelloang pele li tlo ja bokae. Ho bebofatsa lintho, Vodacom e fana ka boemo ba mokoloto ka marang-rang ho litsebeletso tse lefelloang ka morao. Mangolo ana a mokoloto a na le letšoao la rona, letsatsi, khoeli le selemo, lethathamo la tsebeliso, tlhaloso le hore na ho sebelitsoe bo kae khoeling e boletsoeng. Lintlha tsa hore na tsebeliso e bile joang ea ho letsa kapa ea data, e fanoa lengolong la mokoloto le ikhethileng, kaha e le tenya haholo bakeng sa ho fetisoa ka marang-rang. Bakeng tsa tšebeliso ea data, tšebeliso e thathamisoa ka letsatsi ka leng, ele ho notla hore lengolo la mokoloto le se ke la feta 2MB ha le romelloa ka marang-rang.

        1. Moeli oa Mokoloto
          Vodacom e fana ka moeli oa mokoloto (credit limit) ho baji ba lefellang litšebeletso kamor’a tšebeliso hore ba li fumane. Taba ena e ba lumella ho etsa lintho tse ling joalo ka ho reka li-bundle le tšebeliso kamor’a hore li-bundle li fele, ha feela ba khethile ho lefa ka OOB. Vodacom e na le tokelo ea ho eketsa kapa ho fokotsa moeli oa mokoloto oa moji ho ipapisitsoe le hore na moji ea joalo u lokeloa ke mokoloto ha kae kapa u lefa mekoloto hantle ha kae. Moeli oa mokoloto oa moji o kenyelletsa hore na u fumantsoa tsebeletso ka seabo sa bokae le hore na Vodacom e mo file hore a ka fumana tšebeletso ntle le tefiso ho fihlela kae.

        2. Tefiso ea Khokelo
          Ho ka etsahala hore Vodacom e lefise moji khokahano pele kapa ka mor'a hore a hokeloe ho marang-rang. Moji o tla tsebisoa moo tefiso e joalo e hlokahalang pele a sebelisa litšebeletso tsa rona. Tefiso ena ke e tlamang pakeng tsa moji le Vodacom, 'me e reretsoe ho fokotsa ho se utloisisane ho ka ba teng kamorao. Tefiso ena ha se karolo ea litefiso tsa li litšebeletso, 'me e tla khutlisetsoa ho moji haeba lipallo tsa tumellano (contract) li fihletsoe.

        3. Litšebeletso tse lefelloang pele (Prepaid)
          Litefiso tse lefshoang pele ho phano ea litšebeletso li manehiloe leqepheng la marang-rang (website) la Vodacom. Baji ba lefellang litsebeletso pele ba li sebelisa ba ka sheba chelete ea ho letsa e setseng mahala ka ho letsetsa 151 ho utloa lentsoe kapa ba letsetsa *100# ho bona na ho setse bokae.

        4. Tumellano / konteraka:
          Vodacom e tla fana ka setlankana sa mokoloto se bontšang litjeo mabapi le tšebeliso ea moji ea sehlahisoeng seo a se ngoliselitseng. Baji ba lefellang litšebeletso kamor’a tšebeliso ba fuoa lengolo la mokoloto la litšebeletso tseo ba lingoliselitseng, ho letsa, data le eng kapa eng eo moji a e ngoliselitseng, joalo ka ho fumana litšebeletso a le kantle ho naha (roaming). Litšebeletso tsena li tla hlaha lengolong la mokoloto, leha li tla qanolloa ka bo mong hore li bonahale.

          Mangolo a mokoloto a tsoang ho rona a thathamisa hantle litefiso litšebeletsong tsa ho letsa kapa tsa tsebeliso ea data ka tsela e latelang:
          Tšebeliso ea metsotso bakeng sa mohala o mong le o mong o tehiloeng (bakeng sa litefiso tsa mohala):
          1. Letsatsi le nako ea eo ho letsitsoeng ka tsona
          2. Nomoro e letselitsoeng
          3. Bolelele ba puisano nakong eo ho letsitsoeng
          4. Litjeo tsohle tsa ho letsa hoo
          5. Kakaretso ea mokoloto ka khoeli

          Tšebeliso ea Data
          1. Letsatsi le nako eo ho neng ho hoketsoe
          2. Bolelele le sekhahla sa khokahanyo
          3. Kakaretso ea tefiso bakeng sa khokelo ka 'ngoe
          4. Kakaretso ea mokoloto oa khoeli le khoeli

          Re khothaletsa le ho kopa baji ho netefatsa hore mangolo a bona a mokoloto a nepahetse, le hore e nyalana hantle le litumellano tsa phano ea litšebeletso tseo ba ileng ba kena ho tsona qalong.

        5. Litšebeletso tse Kopantsoeng / ngatana (Bundled Services)
          Vodacom e fana ka litšebeletso tse tlanngoeng ngatana joalo ka metsotso ea ho letsa, data ea ho kena ho marang-rang, SMS, le li-bundle tsa mefuta e meng e fapakaneng. Ha joale, re fana ka li-bundle tsa hora, letsatsi le letsatsi, matsatsi a mararo, beke le khoeli, tseo baji ba li fumanang, ho kenyelletsa le Just4You. Li-bundle li tla sebetsa ho latela na u rekile life. Li-bundle li fumaneha ka ho letsa fonong ea hao (USSD), ka M-Pesa le My Vodacom App.

          Vodacom e fana ka molaetsa o lumellang moji ho laola tsela eo data ea hae e sebetsang ka teng. Moji o tla tsebisoa ha tšebeliso ea hae e se fihlile ho 50%, 80% le 100%. Re boetse re file baji ba rona monyetla oa ho reka li-bundle tsa tlatsetso, tseo ha joale li ntseng li fumaneha ha motho a sa ntsa rekile li-bundle tlasa Just4You.

        6. Tefiso ea Out-of-bundle (OOB)
          Ho ipapisitsoe le taelo ea LCA ea 2020, Vodacom e kentse tšebetsong mokhoa o lumellang baji ho laola tšebeliso ea bona ea moea o letsang (airtime) le ho qoba ho nyarosoa ke tšebeliso ea bona (ea data kapa metsotso) ha li felloa ke nako, kapa moo moji a sa rekang bundle. Baji ba ka khetha ho kena le ho tsoa ho OOB ka nako efe kapa efe.

          Motheo oa OOB
          Baji ba rona ha ba kengoe mokhoeng oa ho letsa kantle ho li-bundle ba sa fana ka tumello kapa ho ba le boikhethelo.
          Ka tlase mona re hlakisa lintlha tsa bohlokoa mokhoeng oa tefiso oa OOB bakeng sa data le metsotso:
          1. Data
          1. Thibelo ea ho fetela hojeng moea moji a sa khetha joalo (OOB) e sebetsa ho baji bohle ba bacha le ba seng ba ntse ba le teng ba rekang li-bundle (ho kenyeletsoa le li-bundle tsa prepaid roaming) mabapi le tšebeliso ea data.
          2. Baji ba na le khetho ea ho lumella OOB ka ho kena ka har’a tšebeletso ena ba sebelisa mokhoa ea USSD *111# le ka mokhoa o otlolohileng oa 11125#.

          3. Moji ea khethileng tefiso ea OOB o tla fetohela/fetela ho OOB ka bo eena ha li-bundle tse rekiloeng li felile kapa li felloa ke nako, 'me ho tsoela pele ho fumana litšebeletso o tla lefisoa ka kotloloho moea o letsang ka litefiso tse loketseng tsa OOB.
          4. Baji ba sa khethang tefiso ea OOB ba tla atleha ho fumana litšebeletso tsa data tsa li-bundle ho fihlela data e felloa ke nako. Tšebeliso ea bona e tla khaoloa hang ha li-bundle li felloa ke nako kapa ha li felile, 'me ba ke ke ba lefella 00B.
          5. Baji ba tla atleha ho khetha ho kena le ho tsoa ho bundle ea 00B ka makhetlo a mangata kamoo ba ratang ho *111# 'me ba tla khona ho fetola khetho ea bona ea 00B blocking.
          6. Baji ba tla fumana molaetsa oa SMS nako eohle ha ba khetha ho kena le ho tsoa litefisong tsa 00B.
          7. Haeba moji a khetha ho tsoa ho litefiso tsa 00B, a ke ke a hlola a lefisoa 00B, 'me o tla tlameha ho kena ho eona bocha hore a khone ho lefa ka 00B hape.
          8. Baji ba rona ba ka boela ba ikopanya le Vodacom Contact Centre bakeng sa thuso mabapi le litaba tsohle tse amanang le 00B.
          2. Metsotso
          1. Ha li-bundle li fela kapa li felloa ke nako, mohala ha o je airtime (Empa moji o ntse a ka khona ho letsa le ha a sa reka li-bundle tsa ho letsa)
          2. Ha li-bundle tsa ho letsa li fela kapa li felloa ke nako nakong ea ho letsa, mohala oa khaoha, ha o je moea o letsang ntle le haeba moji a khethile ho kena ho moea o letsang hang ha bundle e fela kapa e felloa ke nako.
          3. Baji ba tla fumana molaetsa oa (SMS) ha mohala o fela ka lebaka la ho fela kapa ho felloa ke nako ha li-bundle.
          4. Haeba moji a sa reke bundle e ncha, ‘me a letsa hape ka mor’a hore mohala o khaohe moji o tla lefisoa ho tsoa ho moea haeba a na le ona.
          5. Ha moji ho sena moea o letsang, mohala o ke ke oa kena, 'me molaetsa o tloaelehileng oa hore a reke ka ha a se na moea o lekaneng, o tla hlaha mohaleng oa hae.
          6. Baji ba ka khetha ho lefisoa ka moea o letsang (airtime) ka ho sebelisa USSD (*111#), ebe ba ikhethela mokhoa oo,'me ba ka tsoa ka nako efe kapa efe ka ho letsetsa Vodacom Customer Contact Center (114) mahala.
          7. Tlhaloso e qaqileng ea hore na mokhoa oa Vodacom OOB o sebetsa joang bakeng sa metsotso le data, li ka fumanoa leqepheng la rona la marang-rang (www.vodacom.co.ls)

      2. Ho lefa Mokoloto
        1. Mekoloto e lokela ho lefshoa ho Vodacom ka letsatsi kapa pele ho letsatsi le boletsoeng setlankaneng sa mokoloto oa moji kapa tumellanong eo moji a keneng ho eona le Vodacom Lesotho.
        2. Mokoloto o tlameha ho lefshoa matsatsing a mashome a mararo (30) ka mor'a ho tsoa ha setlankana sa mokoloto.
        3. Haeba moji a hanyetsa litaba tse setlankaneng sa mokoloto, o lokela ho itlaleha lebenkeleng la rona le haufi, 'me a tlatse foromo ea tletlebo hore tletlebo ea hae e rarolloe ke Vodacom ho latela mokhoa oa rona oa ho sebetsana le litletlebo tsa baji.
        4. Haeba moji a sa khone ho lefa mokoloto oa hae ho latela tumellano ea hae le Vodacom, tšebeletso e ka 'na ea khaoloa,' me o tla lefisoa ha hokeloa bocha.
        5. Haeba moji a sa khone ho lefa mokoloto oa hae ka botlalo, a ka etela ofisi ea taolo ea mekitlane ea Vodacom ho buisana ka moralo oa ho fokotsa mokoloto. Sena se etsoa ho qoba ho khaoleloa litšebeletso ka ho isana makhotleng ele tsela ea ho bokella chelete e kolotoang. Mehato e nkuoang mona ke ka boikhethelo ba Vodacom. Vodacom e tla tsebisa moji pele e khaola phano ea litšebeletso. Vodacom e boetse e ka se fallisetse moji litsebeletsong tse ling ntle le tumello ea hae.
        6. Vodacom e khaola phano ea litsebeletso ha feela moji a sa lefa, eseng moo ebang ho na le khang ka tefo, ha feela moji a ntse a tsoelapele ho lefa moo ho se nang khang.

      3. Lipotso mabapi le Litefiso
        1. Lipotso ka litefiso li tla arabeloa ho shebiloe marang-rang a bolokang tlaleho ea moji ea ho letsa ‘me tlaheho e tla arolelanoa le moji ea joalo. Haeba ho ka fumanoa phoso litefisong, Vodacom e tla etsa tokiso e lokelang.
        2. Vodacom e itlama ho fana ka mokoloto o felletseng, o bile o nepahetse.
        3. Lipotso tsohle mabapi le mokoloto li lokela ho lebisoa ho lefapha la taolo ea mekoloto la Vodacom Lesotho atereseng e latelang ea e-mail (CreditCtrl@vodacom.co.ls)
        4. Re itlama ho araba lipotso tsa mokoloto nakong ea matsatsi a mabeli (2) a tšebetso.

      4. Khokelo ea litšebeletso bocha
        1. Haeba moji a khaoleloa litšebeletso ka lebaka la ho se lefe mokoloto, o tla kenya kopo ea ho hokeloa hape.
        2. Moji o tla lokela ho lefa litefiso tsohle tse setseng tlasa tumellano pele a hokeloa tšebeletsong hape.
        3. Vodacom e tla hokela moji nakong ea matsatsi a mabeli (2) ka mor’a ho fumana tefo.
        4. Vodacom e kanna ea se lefise tefo ea ho khaoloa ha litšebeletso kapa tefo ea ho hokeloa hape haeba moji a fane ka lebaka la ho emisa ka tšebeletso esale nakong eo tumellano ea phano ea tšebeletso e felang kapa keketso e ka etsoang tumellanong eo kamorao.
        5. Haeba moji a khaotsoe ka phoso kapa a lefisitsoe ka mor’a ho khaoleloa litšebeletso, o lokela ho etela lebenkele la Vodacom Lesotho le haufi ho tlatsa foromo ea tletlebo, a hlalose boemo ba litaba ka botlalo. Haeba moji a fela a fuoe mokoloto o fosahetseng, Vodacom e tla etsa tokiso e lokelang ho lokisa taba eo.

    6. Tokelo ea ho ba leseling le ho rutoa ka lihlahisoa le litšebeletso tsa likhokahanyo

      Ele ho etsa bonnete ba hore baji ba rona ba tseba ka lihlahisoa le litšebeletso le methati e lateloang, Vodacom e etsa matsapa oohle ho fana ka thuto ka mekhoa le lintlha tse fapakaneng. Re buisana le baji ba rona ka seea-le-moea le likoranta ho baji mekhahlelong e fapakaneng.

      Re fana ka leseli mabapi le lihlahisoa le litšebeletso tsa rona tse fumanehang mabenkeleng a rona, ho marang-rang, Contact Centre, le leqepheng la rona la marang-rang (www.vodacom.co.ls).

      . Re boetse re etsa matšolo a ho kopana le bareki le sechaba ho ba tsebisa ka lihlahisoa tsa rona literekeng tse fapakaneng tsa Lesotho, ho etsa bonnete ba hore re fihlela le ho buisana le Mosotho emong le emong.

      Ho feta moo, baji ba rona ba tsebisoa ka liphetoho life kapa life tseo re ikemiselitseng ho li etsa ka melaetsa ea li-SMS. Sena se kenyelletsa liphetoho litefisong tsa rona kapa litefiso pele re li kenya tšebetsong. Boikitlaetso bona bo reretsoe ho matlafatsa le ho ruta baji ba rona.

      Ho feta moo, thuto le papatso ea baji li etsoa ka Sesotho le Senyesemane. Empa lipapatso tsa rona hangata li etsoa ka Sesotho ho bontša boitlamo ba rona hore baji ba be le phihlelo e babatsehang ka lihlahisoa le litšebeletso tsa rona.

    7. Tokelo ea Lekunutu
      Taba e ka sehlohong litšebeletsong tsa rona ke ho sireletsa tokelo ea baji ba rona ea ho ba le lekunutu eleng e ngoe ea lipallo tsa phano ea lengolo la tumello ea tšebetso.

      Vodacom e ikemiselitse ho sireletsa lekunutu la baji ba eona, ‘me e behile mehato e lokelang ho netefatsa hore litaba tsohle tsa lekunutu le lipuisano lia sireletsoa. Re na le lenane-thuto le felletseng la poloko ea lekunutu le boitlamo ba poloko ea lekunutu leqepheng la rona la marang-rang tse hlalosang mokhoa oo re laolang le ho sebetsana le litaba tsa motho ka mong.

      Re sebelisa le litaba tsa baji feela ho ba fa litšebeletso tseo ba li kopileng le bakeng sa ntlafatso ea litšebeletso tse boletsoeng. Ka hoo, lintlha tsa moji li tla fanoa feela ho batho ba bang ka tumello ea hae, kapa tlasa molao o lumellang ho fanoa ha litaba tse joalo, mohlala; ka taelo ea Lekhotla la Molao kapa ho ipapisitsoe le litaelo tsa LCA.

      Re boetse re sireletsa baji ba rona khahlanong le melaetsa kapa lipapatso tseo ba sa rateng ho li fumana. Baji ba ka khetha ho koala melaetsa le lipapatso tse joalo ka ho letsetsa Contact Center kapa ho penya *276# lifonong tsa bona.

    8. Tokelo ea ho sebeletsoa ka toka le ho se khetholloe
      Baji bohle ba Vodacom ba sebeletsoa ka toka, ba nkoa ba lekana ka maemo, ‘me ha ho khethollo ea letho mabenkeleng a rona. Ele ho fa bareki ba rona phihlelo e babatsehang, re ba arotse ka mekhahlelo e fapakaneng joalo ka bareki bao eleng likhoebo, bao tšebeliso ea bona eleng holimo, bao tšebeliso ea bona eleng theko e phahameng, bao eleng bacha, joalo joalo. Sena se etsoa hore re fane ka litšebeletso ho latela hore na mokhahlelo ka mong o loketsoe ke tse joang.

    9. Tokelo ea ho sireletsoa tlhekefetsong ea limmaraka
      Vodacom e ikitlaetsa ho qothisana lehlokoa ka tsela e nang le toka phanong ea litšebeletso, tse nang le boleng le pehong ea theko. E boetse e itlama ho se kene boitšoarong bo khahlanong le khoebisano e nang le toka, bo ka sitisang le ho khopamisa tlholisano e ka bang kotsi ho baji. Vodacom e kentse tšebetsong lelane-thuto le reretsoeng ho hlokomelisa basebetsi ka boitšoaro bo khahlanong le tlholisano e se nang toka le tšebeliso e mpe ea matla a lipapatso le lithekiso. Sena se etsoa nako le nako ho basebetsi ba sebetsanang le ho rekisa lihlahisoa le litšebeletso. E boetse hape ke karolo ea leseli le fuoang basebetsi ba bacha. Moo re bonang boits’oaro bo khahlanong le tlholisano e nang le toka, re potlaka ho lokisa bothata bo joalo.

    10. Tokelo ea bophelo bo botle le polokeho Ho sireletsa bophelo bo botle ba baji ba rona le ho netefatsa polokeho ea bona, Vodacom e rekisa lisebelisoa (mehala, li-modem, le lisebelisoa tse ling tsa marang-rang) tse loketseng ho sebelisoa. Tabeng ena, thepa eohle e sebelisoang ho marang-rang a rona li lumelletsoe ke LCA. Tumello ena ke e tihisang hore thepa eo re e sebelisang ho marang-rang a rona ha e behe maphelo le polokeho ea baji kapa sechaba tsietsing.

      LCA e boloka lethathamo la mefuta ea lisebelisoa le thepa eohle e lumelletsoeng le e loketseng ho sebelisoa ke batho ho marang-rang a rona.

  5. MOKHOA OA HO SEBETSANA LE LITLETLEBO
    Vodacom e ikemiselitse ho fana ka litšebeletso tsa boleng ho baji. Lipotso le litletlebo li sebetsoa ka mokhoa o nang le ponaletso le ka nako e behiloeng. Mefuta ea litletlebo tsa baji e ka kenyelletsa e latelang; Litaba tsa phano ea litšebeletso tse amang khokelo lintlha tsa litefiso, liphoso, phano ea litšebeletso ka nako le nchafatso ea litumellano tsa phano ea litšebeletso.

    Ho feta mona, baji ba Vodacom ba na le tokelo ea ho tletleba moo ba sa khotsofallang litšebeletso tsa rona le tharollo ea litletlebo tsa bona. Mokhoa oa rona oa ho sebetsana le litletlebo o hlalositsoe ka tlase.

    1. Libaka tsa Vodacom tseo bareki ba ka kenyang litletlebo ho tsona
      Vodacom Contact Center ke sebaka sa pele seo bareki ba ka ikopanyang le Vodacom, 'me e fumaneha mahala ho bareki bohle. Contact Centre e fumaneha ho tloha ka 06:00 ho isa ho 00:00 har'a mpa bosiu, letsatsi le letsatsi, ho kenyeletsa mafelo abeke le matsatsi a phomolo.

      Basebeletsi ba Vodacom Contact Center ba teng ho thusana haeba moji a hloka leseli le batsi ka lihlahisoa kapa litšebeletso tsa rona kapa tšebeliso ea tsona e nepahetseng le ho fumana litšebeletso life kapa life tseo moji a li hlokang. Vodacom Contact Center e thusa baji ka lipotso tsohle le litletlebo mabapi le lihlahisoa le litšebeletso tsa Vodacom. Mabenkele a rona a boetse a fana ka tšehetso le thuso ho baji ba rona le ka methati eo moji a tlamehang ho e latela bakeng sa ho kenya litletlebo a sebelisa mokhoa oa ho sebetsana le tsona o hlalositsoeng tokomaneng ena.

      Maqephe a marang-rang a Vodacom a boetse a fumaneha ho bareki ho re fa maikutlo mabapi le mokhoa oa ho ntlafatsa phano ea litšebeletso, joalo-joalo. Leha ho le joalo, litletlebo li ka se tekoe maqepheng ana.
      Basebetsi ba Vodacom mabenkeleng a rona ba tla fana ka kopi ea foromo ea ho teka litletlebo ho Vodacom ho moji ofe kapa ofe ea e batlang. Ho feta moo, foromo e tla boela e fumanehe leqepheng la marang-rang (www.vodacom.co.ls) la Vodacom. Haeba moji a sa khotsofatsoe ke karabelo eo a e fuoeng, o tlameha ho kopa le ho tlatsa foromo ea Boipelaetso ka nepo, ‘me a latele methati e ka tlase, ho kenyelletsa le mekhoa oa ho sebetsana le litletlebo.

      Hlokomela
      Litletlebo li tlameha ho tekoa ho latela foromo ea litletlebo tsa baji (e kenyellelitsoeng ebile e fumaneha mabenkeleng a rona)
    2. Ho Hlahisa tletlebo
      1. Moo moji a sa khotsofalang ke mokhoa kapa tšebeletso e fanoeng bothateng ba hae kapa potsong ea hae, o tlameha ho etela lebenkele la Vodacom le haufi, ‘me a kope foromo ea tletlebo ea moji hore a e tlatse bakeng sa ho kenya tletlebo ho Vodacom.
      2. Foromo ena e tla fumaneha hape bakeng sa tletlebo efe kapa efe eo moji a ka lakatsang ho e kenya ho Vodacom. Mosebeletsi oa Vodacom o tla leka ka tlhompho ho rarolla tletlebo ea moji.
      3. Ha a tlisa tletlebo, moji o tlameha ho fa mosebeletsi oa Vodacom lebitso la hae, nomoro ea polokelo, linomoro tsa mohala le mofuta oa tletlebo ele ho fa Vodacom lintlha tse lekaneng ho utloisisa le ho fuputsa tletlebo eo. Ho ka 'na ha e-ba le maemo, ka lebaka la sebopeho le ho rarahana ha bothata kapa tletlebo, moo Vodacom e ka hlokang nako e ngata ea ho batlisisa taba eo.
      4. Ha a fumana tletlebo, mosebeletsi oa Vodacom o tla ngolisa tletlebo, ‘me a fane ka nomoro e ikhethang ea tletlebo eo, e tla sebetsa e le sesupo bakeng sa moji ho thusa Vodacom kapa LCA ho e tseba. Ha a hlahlela tletlebo ho mofani oa litšebeletso, moji a ka romella kopi ea tletlebo ho LCA molemong oa ho e tsebisa feela kaha a tlameha ho qala ka ho sebelisa mekhoa oa tharollo e teng kahara Vodacom.
      5. Haeba moji a ntse a sa khotsofatsoa ke sephetho sa tšebetso e kaholimo, ‘me a se a lekile mekhoa eohle ka har’a Vodacom, a ka fetisa tletlebo ho LCA. Nakong eohle ea tšebeletso, moji o lokela ho boloka tlaleho e nepahetseng le ngollano eohle eo a bileng le eona le Vodacom, letsatsi le nako eo tletlebo e ileng ea tekoa ho Vodacom, le lebitso la mosebeletsi oa Vodacom ea ileng a sebetsana le tletlebo ea hae, le se tšepisitsoeng ho etsoa e le ho rarolla boemo boo.

    3. Nako e behiloeng bakeng sa ho kenya le ho rarolla litletlebo

      Moji ea sa khotsofallang bosebeletsi ba Vodacom o lokela ho kenya tletlebo ho Vodacom nakong ea matsatsi a mashome a robong (90) ho tloha tšebeletso e ne fanoa kapa ho latela tumellano ea phano ea litšebeletso.

      Vodacom le basebeletsi ba eona batla leka ho arabela litletlebo hang-hang kapa kamoo ho ka khonehang ho fa bareki phihlelo e betere. Hape re tla leka ka matla ho rarolla litletlebo tsa bareki nakong ea matsatsi a mabeli (2) a tšebetso ho tloha ka letsatsi la ho fumana tletlebo ‘me re tla fana ka tlhaloso ho moji haeba re sa khone ho rarolla tletlebo nakong ea matsatsi a mabeli (2) a tšebetso.

      Bakeng sa ho rarolla litletlebo mabapi le liphoso, re tla li rarolla nakong ea matsatsi a mahlano (5) a mosebetsi ho tloha letsatsing la ho e fumana, 'me re tla leka ho rarolla litletlebo tsohle nakong ea matsatsi a mashome a mabeli (20) a mosebetsi ho tloha ha re fumana tletlebo ea moji.


    4. Ho fetela ho ba boholong
      Haeba moji a sa khotsofalla karabo ea rona mabapi le tletlebo ea hae, le tsela eo e sebelitsoeng ka teng, kapa nako eo e nkuoeng ho e rarolloa, moji a ka fetisa tletlebo ea hae ka tsela e latelang;
      1. A Kopa ho bua le Mookameli oa Lebenkele la Vodacom (Store Supervisor) kapa a kopa ho bua le motho eo ho sebetsoang le eena ka kotlolohobakeng ke bareki bao eleng Likhoebo (Account Manager)
      2. A Kopa ho bua le Mookameli oa Vodacom lebenkeng (Retail Manager) kapa a kopa ho bua le (Sales manager) bakeng sa bareki bao eleng Likhoebo.
      3. A Kopa ho bua le Mookameli oa Lefapha Executive Head of Division kapa a kopa ho bua le Commercial Operations bakeng sa litsebeletso tsa Khoebo
      4. A Kopa ho bua le Mookameli e Moholo oa Vodacom Lesotho (CEO)
        E mong le e mong oa batho ba boletsoeng ka holimo o tla arabela nakong ea letsatsi, (1) 'me linomoro tsa bona tsa mohala li tla fuoa Moji.


    5. Ho teka tletlebo ho LCA
      Haeba moji a ntse a sa khotsofala ka mor'a ho sebelisa mekhoa eohle ea ho rarolla bothata ba hae, a ka kenya tletlebo ea hae ho Lekhotla la Taolo ea Likhokahanyo Lesotho.

    6. Litletlebo tse fetisetsoang ho LCA li lokela ho kenyelletsa tse latelang:
      1. Lebitso, polokelo kapa nomoro ea mohala le litletlebo tsa molli.
      2. Lebitso la mofani oa litšebeletso.
      3. Mofuta oa tletlebo - ho fanoe ka lintlha tse felletseng, ka ho hlaka le ka tsela e utloisisehang.
      4. Letsatsi leo tletlebo ene tekoe lekhetlo la pele ho mofani oa litšebeletso, le nomoro ea tletlebo eo.
      5. Likopi tsa mangolo a litletlebo tse fuoeng mofani oa litšebeletso, moo li leng teng; le
      6. Tharollo e batloang ke molli.

    7. Aterese le nomoro tsa LCA
      Nomoro ea mohala ea LCA le liaterese ke tse latelang, 'me li fumaneha nakong ea lihora tsa mosebetsi (08h00 - 12hr45 le 14h00 - 17hr00)

      Nomoro ea Mahala ea LCA - 101
      E-mail: (complaints@lca.org.ls)
      Nomoro ea WhatsApp: 62002021

      Litletlebo tse ngotsoeng li lokela ho lebisoa ho:
      The Chief Executive Officer
      Lesotho Communications Authority
      30 Princess Margaret Road,
      Old Europa,
      Maseru 100,
      Lesotho

  6. LITHALA/MAQEPHE TSA/A VODACOM BAKENG SA LITSEBISO TSE AKARETSANG, LIPOTSO LE LITLETLEBO.
    1. Sebaka sa marang-rang sa Vodacom: (www.vodacom.co.ls)
    2. Email ea tlhokomelo ea bareki:customer.care@vodacom.co.ls
    3. Mohala oa Vodacom Contact Center
      Nomoro ea mohala: 114 (mahala)
      Nomoro ea Khoebo ea Vodacom - 155 (mahala)
    4. Libaka tsa marang-rang.
      1. WhatsApp - 58114114, e fumaneha nako eohle
      2. Facebook -Vodacom Lesotho, e fumaneha nako eohle
      3. Instagram- @Vodacom Lesotho, e fumaneha nako eohle

  7. ATERESE EA VODACOM
    VODACOM LESOTHO HEAD OFFICE
    VODACOM PARK
    MABILE ROAD
    MASERU LESOTHO
    Box 7387
    Maseru 100
    Lesotho